Bagalata
Khaolo 1:11-17
BIBELE e Halalelang
11Banabeso, ke le hopotsa hoba Evangeli eo ke le boleletseng yona, ha e ye ka ho ya ha motho:
12hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho; empa e bile ka tshenolo ya Jesu Kreste.
13Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla.
14Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate.
15Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,
16ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;
17le hona ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho baapostola bao e bileng bona pele ho nna; ka mpa ka phakisa ka ikela Arabia, ka ntoo kgutlela Damaseka.