Bagalata
Khaolo 1:17-23
BIBELE e Halalelang
17le hona ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho baapostola bao e bileng bona pele ho nna; ka mpa ka phakisa ka ikela Arabia, ka ntoo kgutlela Damaseka.
18Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano.
19Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.
20Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.
21Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.
22Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;
23di ne di utlwile feela, ha ho thwe: Ya neng a re hlorisa pele, jwale o bolela tumelo eo a neng a e ripitla pele.