Bagalata
Khaolo 1:19-24
BIBELE e Halalelang
19Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.
20Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.
21Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.
22Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;
23di ne di utlwile feela, ha ho thwe: Ya neng a re hlorisa pele, jwale o bolela tumelo eo a neng a e ripitla pele.
24Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.