Bagalata
Khaolo 2:8-14
BIBELE e Halalelang
8hobane ya sebeditseng ka ho Petrose ho mo etsa moapostola wa ba lebollo, o sebeditse le ka ho nna ka baka la baditjhaba — ke re, ba lekanngwang hoba ke ditshiya,
9Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.
10Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.
11Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa.
12Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.
13Mme Bajuda ba bang ba iketsisa jwaloka yena; esita le Barnabase a hla a hulanngwa ke boikaketsi ba bona.
14Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?