Bagalata
Khaolo 3:1-5
BIBELE e Halalelang
1Jo! Bagalata, mawatla ting! na le loilwe ke mang, ha le tla lesa ho utlwa nnete, lona bao Jesu Kreste a kileng a tshwantshwa pela mahlo a lona, jwaloka hoja a thakgisitswe hara lona?
2Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?
3Na le mawatla keng hakakale, hore ere le qadile ka Moya, jwale le yo phethella ka nama na?
4Hleka dihloriso tse kalo le di mamelletse lefeela na? Ha mohlomong e ka ba lefeela!
5Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?