Bagalata
Khaolo 3:22-28
BIBELE e Halalelang
22Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.
23Enere ha tumelo e eso ho tle, re ne re lebelwa ke molao, re hlahletswe ho wona, ho ntse ho lebeletswe tumelo e tlang ho bonahala.
24Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.
25Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ya modisa eo.
26Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.
27Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.
28Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.