Bagalata
Khaolo 3:24-29
BIBELE e Halalelang
24Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.
25Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ya modisa eo.
26Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.
27Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.
28Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
29Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.