Bagalata
Khaolo 4:1-4
BIBELE e Halalelang
1Hape ke re: Ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho kamoo a sa tshwaneng le mohlanka kateng, leha e le yena monga ntho tsohle;
2empa o sa le pusong ya balebedi le ya badisa, ho be ho fihle nako e beilweng ke ntatae.
3Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.
4Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,