Bagalata
Khaolo 4:16-22
BIBELE e Halalelang
16Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?
17Bao leha ba le tjhesehetse, ha ba le tjhesehele hantle; ba mpa ba rata ho re kwallela ntle, hore le tle le ba tjhesehele.
18Ke ntho e ntle ho tjhesehela botle kamehla, e seng mohla ke leng teng ho lona feela.
19Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;
20nka rata hore ke boele ke be teng hara lona, ke tle ke tsebe ho fetola lentswe la ka; hobane ke ferekane ka baka la lona!
21Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, hleka ha le utlwe molao na?
22Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.