Bagalata
Khaolo 4:23-29
BIBELE e Halalelang
23Empa eo e neng e le wa ya rekilweng, o tswetswe ka nama, mme eo e neng e le wa ya sa rekwang, yena o tswetswe ka pallo.
24Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —
25hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.
26Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle;
27hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.
28Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka.
29Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.