Bagalata
Khaolo 4:25-31
BIBELE e Halalelang
25hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.
26Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle;
27hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.
28Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka.
29Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.
30Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang.
31Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba ya rekilweng, empa re le ba ya sa rekwang.