Bagalata
Khaolo 4:5-11
BIBELE e Halalelang
5a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana.
6Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!
7Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.
8Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;
9empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?
10Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo.
11Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.