Bagalata
Khaolo 4:9-15
BIBELE e Halalelang
9empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?
10Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo.
11Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.
12Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.
13Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama.
14Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.
15Le kae jwale lehlohonolo leo le neng le re, le na le lona? Hobane nka le paka hoba le ka be le ikgontse mahlo ho nnea wona, hola ya be e le ntho e ka etswang.