Bagalata
Khaolo 5:13-19
BIBELE e Halalelang
13Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.
14Hobane molao wohle o phethahetse tabeng e le nngwe, e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
15Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.
16Mme ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la kgodisa ditakatso tsa nama.
17Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.
18Ekare ha le tsamaiswa ke Moya, ha le pusong ya molao.
19Mme mesebetsi ya nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootswa;