Bagalata
Khaolo 6:13-18
BIBELE e Halalelang
13Kanthe esita le bona ba bollang, ha ba boloke molao; empa ba rata ha le ka bolla, ba tle ba ithorise ka nama ya lona.
14Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.
15Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.
16Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.
17Empa feela, motho a tle a se ke a ntshwabisa, hobane ke jere mabote a Morena Jesu mmeleng wa ka.
18Banabeso, mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le moya wa lona. Amen!