Bagalata
Khaolo 6:5-11
BIBELE e Halalelang
5Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo eo e leng ya hae.
6Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.
7Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.
8Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.
9Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
10Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
11Bonang, ke le ngoletse ka letsoho la ka ka dihlaku tse kaakang.