Bagalata
Khaolo 6:7-13
BIBELE e Halalelang
7Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.
8Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.
9Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
10Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
11Bonang, ke le ngoletse ka letsoho la ka ka dihlaku tse kaakang.
12Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.
13Kanthe esita le bona ba bollang, ha ba boloke molao; empa ba rata ha le ka bolla, ba tle ba ithorise ka nama ya lona.