Bakolose
Khaolo 2:20-23
BIBELE e Halalelang
20Ha le fela le shwele le Kreste ka nqa ya ditaba tsa qalo tsa lefatshe, ana le sa bofellwang ka mekgwa, jwaloka hola le sa phela lefatsheng,
21ha ho thwe: O se ke wa ja; o se ke wa latswa; o se ke wa ama?
22Tseo tsohle ke tse isang ho boleng; di lateletse melao le dithuto tsa batho;
23di na le botumo ba bohlale ba hore ke ho sebeletsa Modimo ka ho itlama, le ka ho ikokobetsa, le ka ho se hauhele mmele, athe ke tsa lefeela, hobane ke ho kgorisa nama feela.