Bakolose
Khaolo 2:6-12
BIBELE e Halalelang
6Mme jwalokaha le amohetse Morena Jesu Kreste, le fele le tsamaye jwalo ho yena;
7le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.
8Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.
9Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.
10Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.
11Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.
12Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.