Bakolose
Khaolo 3:18-24
BIBELE e Halalelang
18Basadi, ikokobetseng katlase ho banna ba lona, jwalokaha ho tshwaneleha Moreneng.
19Banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba halefela.
20Bana, utlwang batswadi ba lona nthong tsohle; hobane ke taba e kgahlisang Morena.
21Bontata bana, se halefiseng bana ba lona, ba tle ba se ke ba nyahama dipelo.
22Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.
23Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;
24le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.