Bakolose
Khaolo 3:22-25
BIBELE e Halalelang
22Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.
23Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;
24le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.
25Ya etsang bokgopo, o tla jara bokgopo boo a bo entseng; hape Modimo ha o ahlole ka tshobotsi ya batho.