Bakolose
Khaolo 3:5-11
BIBELE e Halalelang
5Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.
6Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.
7Ke tseo le lona le neng le tsamaya ho tsona pele, ha le ne le sa phela ka tsona.
8Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.
9Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;
10mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.
11Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.