Bakolose
Khaolo 4:1-6
BIBELE e Halalelang
1Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.
2Tiisetsang thapelong, mme le e fadimehele ka teboho.
3Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;
4ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.
5Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.
6Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.