Bakolose
Khaolo 4:3-9
BIBELE e Halalelang
3Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;
4ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.
5Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.
6Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.
7Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.
8Ke mo rometse ho lona ka hona hoo, hore a tle a tsebe kamoo taba tsa lona di dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.
9O na le Onesima, ngwaneso ya tshepehang, ya ratehang, e leng e mong wa lona; ba tla le phetela tsohle tsa kwano.