Bakolose
Khaolo 4:4-10
BIBELE e Halalelang
4ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.
5Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.
6Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.
7Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.
8Ke mo rometse ho lona ka hona hoo, hore a tle a tsebe kamoo taba tsa lona di dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.
9O na le Onesima, ngwaneso ya tshepehang, ya ratehang, e leng e mong wa lona; ba tla le phetela tsohle tsa kwano.
10Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.