1 Johanne
Khaolo 1:2-8
BIBELE e Halalelang
2hobane bophelo bo senotswe, mme re bo bone, mme re dipaki tsa jona, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo senoletswe rona —
3seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.
4Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.
5Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane.
6Ha re bolela hore re na le kopano le wona, athe re tsamaya lefifing, teng re leshano, mme ha re etse ka nnete.
7Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.
8Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.