1 Johanne
Khaolo 1:4-10
BIBELE e Halalelang
4Mme re ngola ditaba tsena, hore thabo ya rona e tle e phethehe.
5Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane.
6Ha re bolela hore re na le kopano le wona, athe re tsamaya lefifing, teng re leshano, mme ha re etse ka nnete.
7Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.
8Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.
9Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.
10Ha re bolela hore ha re na sebe, re o etsa leshano, mme lentswe la wona ha le yo ho rona.