1 Johanne
Khaolo 2:7-13
BIBELE e Halalelang
7Banabeso, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa e ntse e le taelo ya kgale eo e sa leng le na le yona le ho qaleng; taelo eo ya kgale ke lentswe leo le le utlwileng esale ho qaleng.
8Ke boela ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona; hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le hlahile.
9Ya bolelang hore o leseding, athe o hloile ngwanabo, o sa le lefifing le jwale.
10Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang.
11Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.
12Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.
13Bontate, ke a le ngolla, kahobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke a le ngolla, kahobane le hlotse e mobe.