1 Johanne
Khaolo 5:3-9
BIBELE e Halalelang
3Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.
4Hobane hohle ho tswetsweng ke Modimo ho hlola lefatshe, mme hlolo e hlotseng lefatshe ke tumelo ya rona.
5Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hobane Jesu ke Mora wa Modimo?
6Jesu Kreste ke yena ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa e le ka metsi le ka madi. Mme Moya ke wona paki; hobane Moya ke nnete.
7Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:
8Moya, le metsi, le madi; mme tse tharo tseo di paka ntho e le nngwe.
9Haesita le bopaki ba batho re bo amohela, bopaki ba Modimo bo fetisa ka boholo; mme ke bona boo bopaki boo Modimo o pakileng Mora wa wona ka bona.