1 Petrose
Khaolo 1:14-20
BIBELE e Halalelang
14O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.
15Empa jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong ya lona yohle;
16kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: halalelang, hobane ke a halalela.
17Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;
18le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;
19empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;
20ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,