1 Petrose
Khaolo 2:20-25
BIBELE e Halalelang
20Sebaka sa ho bokwa e ka ba sefe ha le ka mamella ho jabelwa, ha le sitilwe? Empa ekare ha le mamella bohloko le ntse le etsa hantle, hoo ke ntho e lebohuwang ke Modimo.
21Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;
22yena ya sa kang a etsa sebe, mme le thetso ha e a ka ya fumanwa molomong wa hae;
23enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;
24yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.
25Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.