1 Petrose
Khaolo 4:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.
5Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.
6Hobane Evangeli e behetswe le bona ba shweleng, e leng hore, leha ba ahlotswe nameng ka mokgwa wa batho, ba phele moyeng pela Modimo.
7Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
8Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.
9Le amohelane boeting le sa kganane.
10E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.