1 Timothea
Khaolo 1:14-20
BIBELE e Halalelang
14Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.
15Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.
16Empa ke rekolohetswe, hore Jesu Kreste a bonahatse ka nna, ke leng wa pele, mohau wohle wa hae, ho tle ho etswe mehlala ka nna ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, hore ba be le bophelo bo sa feleng.
17Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!
18Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;
19o ntse o bolokile tumelo le letswalo le letle, leo ba bang ba le lahlileng, tumelo ya bona ya ba ya senyeha jwaloka sekepe ha se timela.
20Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.