1 Timothea
Khaolo 1:5-11
BIBELE e Halalelang
5Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;
6tseo ba bang ba di kgelohileng ho leba dipolelong tsa lefeela.
7Ba rata ho ba baruti ba molao, mme ha ba utlwisise tseo ba di bolelang, leha e le tseo ba di tiisang.
8Athe re tseba hobane molao o molemo, ha motho a sebetsa ka wona ka tshwanelo,
9a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,
10le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
11e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.