1 Timothea
Khaolo 2:3-9
BIBELE e Halalelang
3Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,
4o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete.
5Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,
6ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,
7boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.
8Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.
9Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng;