1 Timothea
Khaolo 2:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.
9Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng;
10e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.
11Mosadi a ithute a kgutsitse, ka kutlo yohle.
12Hobane ha ke dumelle mosadi ho ruta, leha e le ho laola monna; a mpe a itulele ka ho ikgutsetsa.
13Hobane Adama o bopilwe pele, hamorao ha bopjwa Eva;
14mme hase Adama ya thetsitsweng, empa mosadi, hobane a thetswe, o hlahisitse tlolo.