1 Timothea
Khaolo 4:8-14
BIBELE e Halalelang
8Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.
9Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle.
10Efela ke ka baka la yona re sebetsang, re lwanang; kahobane re itshepetse Modimo o phelang, oo e leng Mmoloki wa batho bohle, haholo wa ba dumetseng.
11Laela taba tseo, mme o di rute batho.
12Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.
13O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.
14Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.