1 Timothea
Khaolo 5:11-17
BIBELE e Halalelang
11Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
12ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.
13Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.
14Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.
15Le jwale, ba bang ba se ba ngadile, hore ba tle ba latele Satane.
16Ekare ha modumedi a le teng, wa monna, kapa wa mosadi, ya nang le bahlolohadi, ba ke ba baballwe ke yena, mme kereke e se ke ya etsetswa boima, e tle e tsebe ho thusa bao e leng bahlolohadi ruri.
17Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.