1 Timothea
Khaolo 5:12-18
BIBELE e Halalelang
12ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.
13Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.
14Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.
15Le jwale, ba bang ba se ba ngadile, hore ba tle ba latele Satane.
16Ekare ha modumedi a le teng, wa monna, kapa wa mosadi, ya nang le bahlolohadi, ba ke ba baballwe ke yena, mme kereke e se ke ya etsetswa boima, e tle e tsebe ho thusa bao e leng bahlolohadi ruri.
17Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.
18Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.