1 Timothea
Khaolo 5:21-25
BIBELE e Halalelang
21Ke o laela pela Modimo le Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore taba tseo o di ele hloko, mme o se ke wa phaka wa ahlola, leha e le ho ya ka tshobotsi.
22O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.
23O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.
24Dibe tsa batho ba bang di ye di bonahale pele, di ba etelle pele kahlolong, empa tsa ba bang tsona di ba latele.
25Hape, le yona mesebetsi e metle ya ba bang e ye e bonahale pele, mme e hosele e sitwa ho patwa.