1 Timothea
Khaolo 5:7-13
BIBELE e Halalelang
7Le tseo o ba laele tsona, ba tle ba hloke sekodi.
8Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.
9Ho ngolwe mohlolohadi eo dilemo tsa hae di sa haelleng ho phetha mashome a tsheletseng, eo e kileng ya eba mosadi wa monna a le mong feela;
10ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
11Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
12ba kena tsuong ka ho etsa boitlamo ba bona ba pele lefeela.
13Hape, ba fetoha ba botswa, ba lemalla ho tjhakela matlung; mme ha ba botswa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya ditabeng tseo e seng tsa bona, ba bolela tse sa tshwanelang.