1 Timothea
Khaolo 6:2-8
BIBELE e Halalelang
2Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.
3Ekare ha e mong a ruta thuto esele, mme a sa kgomarele dipolelo tse phedisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto e bapileng le borapedi,
4o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,
5le diphapang tsa lefeela tsa batho ba maikutlo a bodileng, ba lahlehetsweng ke nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho rua. Kgaohana le ba jwalo.
6Efela borapedi, ha bo ena le ho kgolwa ha pelo, ke leruo le leholo.
7Hobane ha re a ka ra tlisa letho lefatsheng, mme ho a bonahala hoba re sitwa ho ya le letho, ha re le tlohela.
8Mme ha re ena le dijo le diaparo, a re kgolweng ke tsona.