1 Timothea
Khaolo 6:6-12
BIBELE e Halalelang
6Efela borapedi, ha bo ena le ho kgolwa ha pelo, ke leruo le leholo.
7Hobane ha re a ka ra tlisa letho lefatsheng, mme ho a bonahala hoba re sitwa ho ya le letho, ha re le tlohela.
8Mme ha re ena le dijo le diaparo, a re kgolweng ke tsona.
9Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.
10Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.
11Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.
12Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.