2 Bathesalonika
Khaolo 1:2-8
BIBELE e Halalelang
2Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
3Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.
4Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;
5ao e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le etswe ba lokelang mmuso wa Modimo, oo le utlwiswang bohloko ka baka la wona.
6Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang,
7mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,
8ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.