2 Bathesalonika
Khaolo 2:3-9
BIBELE e Halalelang
3Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho;
4ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.
5Ana ha le hopole hobane, enere ha ke sa na le lona, nkile ka le bolella taba tseo na?
6Le jwale le tseba se mo thibelang, a tle a fele a bonahale nakong ya hae.
7Hobane sephiri sa bokgopo se se se sebetseha; feela, ya mo thibetseng e ka kgona a tloswe.
8Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.
9Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetso ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le ka mehlolo ya bohata,