2 Petrose
Khaolo 1:11-17
BIBELE e Halalelang
11Hape, ke ka mokgwa oo le tla fuwa sebaka se seholo sa ho kena mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona.
12Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo kamehla, leha le se le rutehile, mme le tiile nneteng eo e seng e le ho lona.
13Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,
14ke tswe ke tseba hobane nako ya ka ya ho tloha kapele motlotlwaneng wona e se e le haufi, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a kile a ntsebisa.
15Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.
16Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.
17Hobane enereha a fuwa hlompho le tlotliso ke Modimo, Ntatae, mohla lentswe le mo tlelang, le etswa kganyeng e phahameng le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena;