2 Petrose
Khaolo 1:3-9
BIBELE e Halalelang
3Haele moo matla a hae, e leng matla a Modimo, a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bitsitseng ka kganya le ka matla a hae;
4mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;
5jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,
6le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,
7le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.
8Hobane ntho tseo ha di le ho lona, mme di eketseha ho lona, di ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botswa le sa ho nyopa tsebong ya Jesu Kreste, Morena wa rona.
9Hobane eo ntho tseo di leng siyo ho yena, o foufetse, ha a bonele hole, mme o lebetse phekolo ya dibe tsa hae tsa pele.