2 Petrose
Khaolo 2:4-10
BIBELE e Halalelang
4Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;
5mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;
6mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;
7mme ha o pholositse Lota, monna ya lokileng, ya neng a hlora hampe ka baka la ketso tse dihlong tsa batho bao ba manyala —
8hobane monna eo ya lokileng, moyeng wa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a ne a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ya bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utlwa —
9ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;
10haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena.Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;