2 Timothea
Khaolo 2:1-7
BIBELE e Halalelang
1Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste.
2Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.
3Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.
4Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.
5Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.
6Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele.
7Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.