2 Timothea
Khaolo 2:10-16
BIBELE e Halalelang
10Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.
11Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;
12mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;
13ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.
14O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.
15O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.
16O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;